Seboka sa Lefats’e sa Farelane Kolone

:Ka Tjonane Matla,

Bekeng ea la 29 ‘Mesa ho isa la 1 Mots’eanong 2014, literopo tsa Kolo e leng Stellenbosch le Kapa li ile tsa ts’oara liboka tse peli tse kholohali e leng sa Mokhatlo oa Lefats’e oa Farelane le sa Mokhatlo oa Lefats’e oa Khoebisano (World Trade Organisation- WTO) moo teng moifo oa banna le basali ba Mokhatlo oa Lesotho oa Farelane le Seiboko o ileng oa theohela Kapa, ‘me ha ba fihla teng ba ikarola ka liboka tseo tse peli, moo teng setereke se seng le se seng sa Lesotho se neng se emetsoe libokeng tseo ka bobeli.untitled-8

 

Sebokeng sa Farelane (Merino 2014) se neng se ts’oaretsoe Stellenbosch, Motlotlehi Letsie III ebile karolo ea seboka, moo teng a bileng a hlompheloa ho amohela le ho tebella baeti ba neng ba tsoa linaheng tse 11, ‘me bona ba le 400 lintja, ka puo e matla ea kamohelo.

Motlotlehi o ne a felehelitsoe ke Mohlomphehi Ngaka Moeketsi Majoro, e leng Letona la Meralo ea Ntlafatso ea Sechaba. Ha ka lehlakoreng le leng, Motlatsi oa Letona la Khoebo le Mesebetsi e Meholo, Likoporasi le limmaraka Monghali Maliehe e bile ele Moetapele oa Moifo o neng o le Kapa. Boetapeleng ba boramehlape e ne e le Monghali Mokoenehi Thinyane a tsamaea le Motsamaisi oa Mokhatlo Monghali Lefu Lehloba.

Stellenbosch

Sesiu se ne se filoe thomo ea ho khoasetsa Basotho Litaba sebokeng sa Farelane ‘me tlaleho ea rona e ka tsela e latelang.

Letsatsing la pele la Seboka, pejana Motlotlehi a amohela baeti. Seboka se ile sa mamela puo e makalitseng barumuoa bohle ba lichaba tse leshome le motso o mong tse neng li le sebokeng sa lefats’e  sa farelane ha Nkhekhe, Ramahlale oa tsa Paballo ea Naha le Mobu ea tsebahalang lefats’eng ka bophara; Monghali Allan Savory a kholisa borumuoa hore ho feela hoa makhulo ho tsoalang bohoatata ha bo hlahisoe ke liphoofolo tse imetseng makhulo joalo ka ha mebuso e hlola e jala evangeli e joalo.

untitled-9

Puo ea setsebi sena, le moifo oa litsebi tse ling tse tsoang mafapheng a fapaneng a kenyeletsang litsi tsa lithuto tse phahameng, likolong tse kholo tsa boemo ba ‘unifesithi’ tse fapaneng li ne li ts’ehelitsoe ka lichelete ke Mokhatlo oa Farelane le Seiboko oa Lesotho.

Ralerotholi

Re tla hoopla bohle hore nalaneng ea Farelane, re ‘nile ra lokolisa hore na Farelane e fihlile joang Lesotho, ka hore nku tsa pele e ne e le mpho ea Morena Moshoeshoe I, ha khabareng li fihlile ka banna ba liparola thota, ba ileng ba phatlalla le naha ea Afrika Boroa ho ea fata metsuntsunyane mapolasing, limmaeneng le lifemeng.

Puo ea Motlotlehi Letsie III e ne e ipapisitse le nalane le bohoai ka nku Lesotho, tsebo ka naha ea Lesotho, khoebe le khoebisano ka boea ba nku, boetapeleng le tataisong ea Mokhatlo o Moholo oa Farelane le Seiboko, liphephetso tsa bo-ramehlape tse kenyeletsang bohoatata le liphokojoe, le bohlokoa bah o kenyeletsa bacha bohoaing ba farelane.

Ke hona puong ena, moo Rabasotho a hlakisitseng hore le ena ke Ramohlape ea ruileng Farelane, ‘me lerato la hae liphoofolong le kolletse letsoeleng, le likolong tseo a ileng a li kena bonyaneng ba hae.

Sefehle-fehle

Ha re lumele hore boholo ba Marena a Lesotho, ‘Muso ka babusi le bahlanka ba Motlotlehi, le barupeli litsing tsa thuto e phahameng li ka kholiseha ha bobebe hore bohoatata bo ikatisang ka potlako ban aha ea Lesotho, bo bonahalang haholo likarolong tse kang, Koma-Koama, Thabang Mokhotlong le libakeng tse ling tsa lihlaba tsa Lesotho b aka nka motho ea ka reng ke ka liphoofolo feela maemo a makhulo a ka khutlisetsoang setloaeling, kapa maemong a tlhohelo.

Monghali Savory, o bolelletse barumuoa hore bohoatata bo tsoaloa ke ho phomotsa mobu nako e  fetang tekano, ka hona meralo ea phuliso e nepahetseng  e ka tlisa tharollo ea bohoatata linaheng tse ngata. Mahlale a hae a itsétlehile haholo ka liphathisiso tsa lilemo tse ka bang mashome a a naheng ea Zimbabwe.

Tumelo le liphuputso tsa hae li supa ha liphoofolo tse ngata haholo li qhobelloa sebakeng se senyenyane, se kampetsoeng ho nepahetse ka ha li tla fula joang boo, li bile li bo halikela, le ho bo koahela ka bokulube ho le molemo haholo ntlheng ea ho etsa koboe koaelang mobu ho thibela mobu ho lahleheloa ke mongobo. O boletes ha mongobo ona le molemo haholo nakong eo joang bo tlamehang ho mela bocha, ha bokulube no nonts’a joang.

Farelane ea Lesotho, le lihlahisoa tsa teng

Ha ra libuhi tse mashome a mararo tsa bohlokoa sebokeng sena, re ka qolla Mosuoetsana Sekolong se Seholo sa Sechaba (NUL) e leng motsoalle le moeletsi e moholo oa lihoai ‘Mé Puleng Matebesi- Ranthimo. Puo ea hae e ne e itsétlehile haholo holima lipatlisiso le liphuputso tsa hae ka Farelane e phelang lihlabeng tsa Lesotho.

Ho feta moo, mosuoetsana o ne a bile a na le lihlahisoa tse ngata tse entsoeng ka boea ba farelane ea Lesotho, tse neng e le lipontsúoa sebokeng. Re motlotlo haholo ho hlahia mona hore boholo ba lihlahisoa tseo, bo ile ba feela le pele seboka se simolla ka molao, ka ha borumuoa bo hlahang linaheng tsa machabeng, bo ile ba hana ho li bona, ‘me ba reka ka bongata.

 

Seboka sa Merino 2014, se ne se kenyeletsa masika a mararo a Farelane, ‘me teng taba e kholo e ne e se boea feela, empa le nama e ne e le karolo e kholo ea seboka sena.

Bo-ramehlape ba fumana chelate e seng ka tlase ho limilione tse mashome a mararo, (M300 Million) e kenyoang ke boea, ha ka lehlakore le leng Lesotho le reka nama ea nku ho tsoa Afrika-Boroa ka limilione tse makholo a tséletseng (M600 Million).

Boholo ba liphoofolo tse nku le poli tsa Lesotho, li ea shoa mariha ke ho hloka phepo tlatsetso ka hona ho hloka litsi tsa tlhabelo ea liphoofolo le lifantisi ho sitisa boramehlape ho rekisa liphoofolo tsa bona hore ba fumane karoloana e ngoe ea chelate limmarakeng tsa nama.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *