LIMELA TSA CHEFO HO FARELANE (PLANT POISONING IN SMALL-STOCK ANIMALS – Merino Sheep and Angora Goats)

Ha uoa ra sala; bo nkhekhe Lerotholi ba ile bo-ea-batho, ra sala re thehile mekhanya bang ba behile matsoho lihloohong. Menyenyetsi e bontśa hore mafats’eng a hole, Libya, mehlobo e ea loantśana; malimo hase bo-Motlejoa le Mosongsonyane kapa Raboshabane feela,limela le liphoofolo le tsona li tsohelana khalefo. Tlohong, re qatolleng qoabi esare e ea ikunuta esere ea ja bana ea senya masimo e tsoe leruo la Farelane le Seiboko ha le batle menyepetsi le batla ba kopanyang maboko ho sekaseka litharollo.

Ka tlholeho, linku le lipoli ha li khahloe ke ho ja limela tsa chefo kaha lemeng la khutśoane limela tseo lina le tatso empe empa ha ho ena le komello; naha e omme, makonyana le mapotsanyane a ntseng a qala ho fula a kaja limela tseo li sa lokelang ho li fula. Hangata limela tsena ha li ebe le matla a ho baka bokulo phoofolong ho fihlela li e fula ka bongata. Neng-neng ke setho kapa litho tse ikhethileng feela tse ka bakang bokulo liphoofolong, mohlala; lipeo, makhasi, le litlamatlama. Neng-neng, semela se ka e ba kotsi nakong ea khoo e ikhethileng ‘me khutśoane e be ha e na fula sejalo seo ka nako eo ea selemo.

Limela tse ngata tsa chefo li khetha mofuta oa phoofolo; semela se ka eba kotsi ho Farelane feela e be hase kotsi ho Seiboko. Seiboko e na le sesole sa ‘mele se matla haholo ho feta sa Farelane ke kahoo le mafu a mangata a bonahalang Farelaneng ho feta Seibokong. Semela se leng kotsi mofuteng o itseng oa phoofolo ha ho bolele hore o kotsi mofuteng o mong.

Kahoo, ho bohlokoa hore sehoai se ele seli ka limela tse teng naheng ka mefuta ea tsona, phetoho ea boitśoaro ba liphoofolo ka ho fapana ha linako tsa selemo mabapi le ho fula hoa tsona, ‘moho le mabapi le kholo ea limela le bophelo ba tsona.

Matśoao a ka bonts’ang lefu la limela tsa chefo:

  • Ho ema hoa khutśoane e le ‘ngoe thoko ho mohlape
  • Ho ferekana ho khutśoane
  • Ho se fule kapa ho hana lijo-tlatsetso
  • Ho noa metsi a mangata
  • Lehlatso haholo le nag le makoeba
  • Ho thakhinya, marenene a mafubelu kapa a masehla

Matśoao a ka fapana ho latela: semela seo phoofolo e se jeleng, mofuta oa phoofolo e jeleng semela sa chefo le bongata ba phoofolo beo phoofolo e bojeleng.

Ho qoba mafu a limela tsa chefo

  • Nakong eohle eo honang le komello, lipula tse matla, mocheso o mongata limela tsa chefo le tsona lia ngatafala.
  • Qoba ho bulela likhutśoane tse lapileng haholo hore li ilo fula naheng e nang le limela tse fokolang, e neng ena le likhohola kapa moroallo, kapa ho li limella ho fula ho feta tekanyo.
  • Ho molemo hape ho qoba ho sebelisa li menontśa e nang le flourine kaha le eona e ka baka chefo likhutśoaneng.

MEHLALA EA LIMELA TSA CHEFO

Mabitso a litlamatlama tsena  a fapana Ho latela libaka: kahoo ‘mali o lokela  ho  boha lits’oants’o ho netefatsa hore e feela ele semela seo a se tsebang.

  1. Lekhala la mofuta oa Cotyledon orbiculata

Lekhala ke semela se tsebahalang ka ho phekola mafu a itseng (bang bare Le phekola nyooko) empa lekhala la  mofuta ona le  kotsi haholo likhuts’oaneng.  Nakong  eo honang le  komello, ho sena tala; khala  lena lea ikatisa ‘me le fumaneha haholo pela  meru kapa pela matlapa. Lekhala lena le fumaneha hohle kahar’a naha.

 

lekhala-lamo

Liphoofolo ka mokana  li ka ameha empa makonyana le  mapotsanyane ke ona a amehang haholo kaha a sena masene a ho fula. Bohale  ba chefo ea lekhala lena bo fapana ho latela sebaka le  hore na ke  ka nako  efe ea selemo. Maemo  a tikoloho le  ona a ama bohale ba chefo, mohlala; mofuta oa mobu: lekhala lena le kotsi haholo ha le fumanoa mobung oa lehlabathe ho feta le hlometseng letsopeng le lets’o.

Chebahalo ea lekhala  lena:

Le semela se makala  a ommeng, makhasi ke a nonneng, a tala, a ka fapana ka sebopeho. Tala ea ona makhasi ke e khanyang ho  isa bosoeung ba mobu; makhasi a potapotiloe ke mola o mofubelu ho isa qoleng e ka tlase.  Lea nqamathela,  le le fubelu ho isa ‘maleng oa lamuni ‘me lena le lipalesa tse hlomelang lekaleng le leholo.

  1. Letjoi (Datura)

Letjoi le  lona le na  le chefo empa ka lehlohonolo la  motea-phala,  bohale ba chefo ea lona ha bo matla haholo likhuts’oaneng empa bo kotsi haholo bathong e nt’oba lipereng.

letjoi

Mats’oao a phoofolo e jeleng letjoi

  • Ho omella hoa molomo
  • Ho thakinya
  • Ho akheha
  • Ho bipetsana
  1. Dichapetalum cymosum (sheba sets’oants’o ho hakanya lebitso ka Sesotho)

dichapetolumpsd

Ke semela se methapo e meholo omeletseng joaloka patsi. Kaholimo,  makala a mangata a hlonela  ho tsoa  metapong.  Makhasi a tala ka mahlakoreng a mabeli. Ka Loetse le Mphalane ho ka hlomela lipalesa tse ts’oeu.  Hoane le hoane hoa hlomela litholoana tse ‘mala oa lamuni.

Semela sena se tsebahala ka ho bolaea likhuts’oane ‘me se fumaneha naheng mobung oa lehlabathe.

Ka lebaka la hore ke semela se methapo e tebileng,  lipalesa lika hlomela neng kapa neng le ha limela tse ling li omeletse. Makala a sona a manyane ke ona a e bang kotsi haholo.

Taolo:

Ho leka ho fothola semela sena ke ho hamela letlapeng ebile ke ho nyotobetsa maemo.  Matsepa ‘ohle a bohanyatha ke ho thomela ts’otsoana ka lifotle; ho teratela sebaka se nang le Dichapetalum cymosum ho ka thusa ka ha semela sena eseng hangata se ingatafatsang; lipeo tse fokolang lia hlaha empa boholo li jooe ke likokonyana. Mariha makhasi a oele kahoo kotsi ea chefo ea sona e ea theoha.

Makhasi a fokolang feela (20g) a macha a tlamatlama sena a ka bolaea Farelane.  Likhuts’oane lishoa ka lebaka la pelo e emang letsatsi kamor’a ho full Dichapetalum cymosum li sa bonts’e mats’oao: li shoa lefu la hang-hang!

  1. Drimia spp. (sheba sets’oants’o ho hakanya lebitso ka Sesotho)

 

kio

Ka seburu  bare ke slangkop ho bolela hlooho ea noha  kaha semela sena sena le popeho e ts’oanag le ea noha. Sena le hlooho ele ‘ngoe  ea palesa e shoang mariha ebe  e hlomela hape lehlabula.

Ka lebaka la  popeho ea eona e ts’oanang le kotopo kapa tanka,  Drimia spp.  ha e mohaung oa pula hore e phele kaha e ipolokela mongobo oa eona ka lekaleng. Kahoo,  ha komello ele tang,  e ntse e boloka tala ea eona ekaba ea sala ele eona feela naheng ‘me kahoo e hohele likhuts’oane. Liphoofolo tse holetseng naheng e nang le  Drimia  spp.  li se litloaetse ho e qoba.

Mats’oao a haha kamor’a lihora tse 17-24 ‘me Farelane aka shoa matsatsi a mabeli ho isa a mararo ka lebaka la pelo e emisang ho sebetsa.

Limela  tsa chefo ke:

Dichapetalum cymosum, Fadogia homblei, Geigeria spp., Gnidia spp., Kalanchoe spp. Lantana spp., Moraea spp.,Ornithogalum spp, Pachystigma spp., Pavetta spp., Senecio spp., Sorghum spp., Tribulus terrestris le Tylecodon spp.. Sehoai se ka batlisisa marangrang kapa sa botsa litsebi.

Ere ke se ke ka lemalla ho khaolisa, khaboliki a tlanne a khaoholise ka ‘molopita o tletseng, kamoso,  eseng oa masokotso!

 

 

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *